NAKO: dihora tse 2
Pampiri ena e na le maqephe a 20.
PAMPIRI YA 2 (P2)
KEREITE YA 12
DITAELO LE DIKELETSO HO MOHLAHLOBUWA
Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka tlhoko pele o qala ho ka araba dipotso.
O se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse theilweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora moo o bale dipotso tseo, o nto kgetha tseo o lakatsang ho di araba.
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse NNE, e leng:
KAROLO YA A: Padi/Nobele 
KAROLO YA B: Tshwantshiso/Terama 
KAROLO YA C: Palekgutshwe 
KAROLO YA D: Dithothokiso 
O lokela ho araba dipotso tse PEDI feela. Dipotso (tseo tse pedi) di kgethwe dikarolong dife kapa dife tse fapaneng. Araba potso e le NNGWE mofuteng ka mong wa sengolwa ho e MMEDI eo o ithutileng yona selemong sena. Hlokomela hore matshwao a dipotso tse pedi tseo o di arabileng a etse mashome a supileng ha a kopanngwa.
Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalehong ya karolo e nngwe le e nngwe ka tlhoko.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa nako ka moo ho sisintsweng: O lokela ho ngola karolo e nngwe le e nngwe bonyane metsotso e 60.
LEQEPHE LA DIKAHARE:
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a lakatsang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri kaofela.
KAROLO YA A: PADI/NOBELE
Araba potso EFE kapa EFE E LE NNGWE.
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Padi ya 1 - Mahlale a kopane Lekwa
Mofuta wa potso e telele
KAPA
Padi ya 1 - Mahlale a kopane Lekwa
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Padi ya 2 - Bosweu ba Lehlwa
Mofuta wa potso e telele
KAPA
Padi ya 2 - Bosweu ba Lehlwa
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Mofuta wa potso e telele ya moqoqo
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA
Araba potso EFE kapa EFE E LE NNGWE.
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Tshwantshiso ya 1 - Sefi
Mofuta wa potso e telele ya moqoqo
KAPA
Tshwantshiso ya 1 - Sefi
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: PALEKGUTSHWE
Araba potso EFE kapa EFE E LE NNGWE.
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Mofuta wa potso e telele ya moqoqo
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
KAROLO YA D: DITHOTHOKISO
Araba dipotso tse DING LE TSE DING TSE PEDI.
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Thothokiso ya 1 - Di ntle hle!
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Thothokiso ya 2 - Ho thusang ho lla
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Thothokiso ya 3 - Kgaeyane
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Thothokiso ya 4 - Ngwana lehlaswa
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
Lenanenetefatso:
Sebedisa lenanenetefatso lena ho nnetefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
KAROLO YA
NOMORO TSA DIPOTSO
PALO YA DIPOTSO TSE LOKELANG HO ARAJWA
TSHWAYA
A: PADI/NOBELE
Potso e telele moqoqo KAPA dipotso tse kgutshwane
KAPA
B: TSHWANTSHISO/TERAMA
Potso e telele moqoqo KAPA dipotso tse kgutshwane
KAPA
C: PALEKGUTSHWE
Potso e telele moqoqo KAPA dipotso tse kgutshwane
KAPA
D: DITHOTHOKISO
Potso e telele (moqoqo) KAPA dipotso tse kgutshwane (tseo o ithutileng tsona)
PALO YOHLE YA DIPOTSO TSE LOKELANG HO ARAJWA
ELA HLOKO:
O tshwanetse hore o be o arabile dipotso tse PEDI tse tswang dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena.
KAROLO YA A: PADI/NOBELE
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Ho botsitswe dipotso tse TSHELETSENG karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena.
POTSO YA 1
Diketsahalo tsa bohlale le maqiti tseo baphetwa bana ba kopaneng ka tsona, di hodisa poloto ya pale ena ho tloha qalong ho ya fihlela qetellong ya yona.
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 ngola DIKETSAHALO tseo o itshetlehile ka tse latelang:
Kgohlano
Tharahano
KAPA
POTSO YA 2
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Mananyetsa a suthisa sekwahelo sa lebokose, mme a fumana hore ho subetswe dikatana tsa malapi a kgale hammoho le dipampiri tsa kgale.
Ka bohlale ba hae a be a se a qalella: ''Ngwanaka, nna ke ntate lepolesa, ke tlile kwano ka taba e kgolo. Mokotlana oo ke buang ka wona, ntatao o ne a kentse noha e kotsi hampe ka ho wona. Ke a bona o batla letlalo la yona. Jwale noha eo ke ena ka lebokoseng ka mona!'' Ngwana batho a tshoha ha a utlwa tseo.
Jwale he ngwanaka, matha o ile ho bitsa ntatao mane moo o reng o ye teng. O re a phakise ... ke tla mo emela mona,'' ho realo Mananyetsa.
DIPOTSO:
Hoba Mananyetsa a fumane hore mokotlana wa tjhelete o nyametse, o ile a potlaka a nka leeto la ho ya motseng ofe?
Mananyetsa o ile a thuswa ke eng hore a se be le bothata ba ho ya motseng oo, le ha a ne a qala ho ya teng?
Bolela mofuta wa sepalangwang se ileng sa palangwa ke Mananyetsa ha a fihla seteisheneng sa sebaka seo a neng a ya ho sona.
Hantlentle ke lebaka lefe le neng le mo isa sebakeng seo?
Hlalosa ka ntlha tse HLANO leano leo Mananyetsa a ileng a le etsa ha a fihla sebakeng seo, le ho re hobaneng a ne a le etsa.
Sekgukguni o ne a le kae ha Mananyetsa a etsa ketso e ho POTSO 2.5?
Se ileng sa etsa hore Sekgukguni a qetelle a kgutletse ha hae lapeng ke sefe?
Mabitso a baphetwa a dumellana le diketso tsa paleng ena. Qoholla ketsahalo e le NNGWE feela e dumellanang le diketso tsa mophetwa ka mong ho ba latelang:
Sekgukguni
Hoba ba qoqe ka tsohle tseo re seng re di tseba, ho tloha mohla ba kopanang Lekwa, Mananyetsa a re: ''Jwale he wa thaka, ntsha hlooho ya tsie re rolelane.'' Eo a mmiletsa ka phaposing, a ntsha bokgothokgotho, leruo le letala, ba arolelana. Hlalosa hore o utlwisisa eng ka dipolelo tse latelang ditabeng tse ka hodimo:
A ntsha bokgothokgotho
Leruo le letala
Bolela mookotaba wa pale ena o itshetlehileng ka phethelo ya yona.
KAPA
POTSO YA 3
Hangata diketsahalo tsa pale di ye di re kumele kamoo tikoloho le nako di nyalanang kateng. Qoqa ka tikoloho le nako tseo mongodi a di kgethetseng pale ena, mme o tshehetse ditaba tsa hao ka dintlha tse utlwahalang tse tswang paleng ena. Ngola ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300.
KAPA
POTSO YA 4
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
O amohetswe ntjhanyana, ke nna mma Lerato, o phetse jwang?''
Ka tshwaya ntswe lena 'ntjhanyana' empa ka araba: ''Ke phetse mme, lona le phetse jwang?''
Re phetse, kena ka tlong, mme o phuthulohe.''
A sheba ka ho Lerato, ''Ratu, etlo le senomaphodi ka sehatsetsing hle.''
A be a se a ntse a eya. A sheba ka ho nna ke se ke ntse ke dutse sofeng e mabotjhobotjho, ''Ke thabile ha o tlile ho tla thabela dijo tsa motshehare le rona.
Ke hlola ke utlwa Lerato a bua ka wena, mme ke ne ke rata ha o ka re etela.''
DIPOTSO:
Baphetwa ba ka sehloohong paleng ena ke bomang?
Baphetwa bao o ba boletseng ba amana jwang?
Hlomi o ne a labalabela ho ba eng ha a qeta dithuto tsa hae?
Sebapadi se hlwahlwa sa bolo ya maoto.
Kgeleke khwaereng ya sekolo.
Motho ya ratang ho tjeka.
Raditebele.
Mongodi o sebedisitse Tshiu ho re senolela ho hong ka Hlomi. Hlalosa seo a re senolelang sona.
Sesosa sa ntwa dipakeng tsa Tshiu le Hlomi ke sefe?
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla latela.
Hlomi, ke eng ha o itshenyetsa nako le ho ikutlwisa bohloko ka motho eo o bonang hantle hore ha a re letho ka wena, empa o ntse o tseba hore ho na le ba o ratang, ba ka o kgotsofatsang ka hohle?'' ke Dineo eo. Lentswe la hae le ne le tletse lerato le botshepehi hoo le ileng la nkama ha bohloko.
Mantswe ana a ne a bua ke mang?
Motho eo o mmoletseng ho POTSO 4.7.1, maikemisetso a hae e ne e le afe ha a ne a thiba Hlomi hore a se lwane?
O ile a etsa eng hore Hlomi a utlwisise maikutlo a hae ka yena?
Ka mora lefu la Lerato, Hlomi o ile a nyala Dineo. Ho ya ka wena, na o bona mongodi a phethetse pale ya hae hantle? Hobaneng o realo?
Ha o ne o le Dineo, na o ne o tla dumela ha Hlomi a re o a o nyala? Hobaneng?
Ha sekolo sa boHlomi se tla keteka dilemo tse 40, o ile a itlhophisetsa letsatsi leo le leholo. Bolela dintho tse THARO tseo a ileng a di hlophisa.
Hara tsohle tse etsahetseng tsatsing leo, Hlomi o ile a hlahella ka mahetla sehlopheng sa hae. Ke sefe se ikgethang seo a ileng a se etsa mme lekunutu la hae e ne e le lefe?
Ho ya kamoo o bonang, na morero wa Hlomi o ile wa atleha? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Araba ka Nnete kapa ka Mafosi o be o tshehetse karabo ya hao ka lebaka. Lerato o qetetse a amohetse Hlomi hobane a ile a hlola ditlhodisanong.
Maikutlo a hao ke afe tabeng ya hore batswadi ba Lerato, ba meme Hlomi lapeng la bona, ba be ba mo amohele pele a nyala ngwana bona?
KAPA
POTSO YA 5
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka semelo sa baphetwa bana ba latelang: Ipapise le dikahare le diketsahalo tsa buka ena.
KAPA
POTSO YA 6
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Banna jwale ba kena mosebetsing hanghang. E mong wa bona a ntsha thipa e tshabehang mme a atamela Chikano, meno a bodileng a a behile lepalapaleng. ''Se tshohe haholo hle weso. Ona e tla ba mosebetsi wa ka pele.'' Monna enwa ya tshwereng thipa a bua a thabile haholo, mme a ntse a supasupa sefubeng sa Chikano. Ao! Chikano wa batho a kena tsietsing e le ka nnete. A itutlatutla e le ha a tetse hore o sa tla phela. Eitse ha Rathipa a re o a inama, Chikano a utlwa eka ntlo e a phatloha ke modumohadi wa sethunya se neng se kgabola motjetje. Jwale Chikano a bona tsela ya hae e yang hae Moreneng e hlaka e bile e otlolohile ka mokgwa o kgahlang. Se neng se mo makatsa torong ena ya hae ke ho bona dihanyata tsena tsa banna di ntse di hobela, di bile di ntse di kokobella fatshe ho etsa mokgibo wa mofuta osele. Chikano a etsa qeto ya hore e tla ba banna bana ba ye ba tantshe ka mokgwa ona pele ba bolaya motho. Le ha ho le jwalo, a makala ha a bona ba kakalla, madi a se a phutsa mebeleng ya bona, mme kelello jwale ya kgutla, a ba a iphumana hore o ntse a phela.
DIPOTSO:
Chikano o ne a le hokae mona moo ditaba tse ka hodimo di neng di etsahalla teng?
Chikano o ne a ilo etsang mona moo a iphumanang a le teng?
E be dikamano tsa mosebetsi tsa Chikano le Zero ke dife? Di hlalose.
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, ebe o nahana hore ke ka baka lang ha mokgatlo wa Bana ba Phiri o ile wa thehwa?
Ditaba tsa lengolo le neng le phethetswe ka mantswe ana: ''E se eka Bana ba Phiri ba ka tsoma ka katleho'' le ne le tswa ho mang mme le ngoletswe mang?
Lebitso la nnete la Sister Ruth ke mang? Kgetha ho ana a latelang:
Bolela hore ke Nnete kapa ke Mafosi hore mobishopo Biala o ne a na le pelo e bonolo. Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Baphetwa bana ba latelang, ke balwantshi ba toka dinaheng tse hlahellang ka hara pale ya rona ya Sehlekehleke sa Deidro. Kgutsufatsa semelo sa mophetwa ka mong ka ntlha e le NNGWE ho nnetefatsa sena.
Tlatsa dikgeo polelong e latelang ka mantswe ao o a filweng:
Chikano o fihlile hantle motsemoholo wa Namibia, ... mme a fihlela hoteleng e bitswang ...
Sehlekehleke sa Deidro se na le dibopeho tse pedi tse hanyetsanang. Di hlalose ka mantswe a hao.
Mobishopo Biala o ikentse 'phiri ka hara letlalo la nku'. Nnetefatsa sena ka ho lokodisa dintlha tseo o nahanang hore di tiisa taba ena.
Ho ya ka wena na o nahana hore ditaba tsa Sehlekehleke sa Deidro di a kgolweha? Tshehetsa karabo ya hao ka mabaka.
Ka mantswe a hao a ko akaretse mookotaba wa pale ena.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Ho botsitswe dipotso tse PEDI karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena. Araba POTSO ya 7 kapa POTSO ya 8.
POTSO YA 7
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka ditaba tsa terama/tshwantshiso ena o itshetlehile ka dintlha tsena tse latelang:
A ke o qoqe ka tsa bophelo ba lelapa la Motaung pele a fetohela lelapa la hae.
A ko lokodise taba tsa Motaung ka mora hoba a fetohe bothong ha hae.
KAPA
POTSO YA 8
Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse thehilweng tshwantshisong yohle.
Tloha mona. O tla utlwa motho wa lona a ikeme ka leshome le se na motso, a bala ditsuonyana kgoho e eso qhotse, e re ha di hlahella pepeneneng motho wa lona a be a rabaka sa kgoho e batla ho beleha. Nna ke ne ke se ke iteballetse hore sephetho sa lona se a tswa kajeno''.
DIPOTSO:
Mantswe a qotsitsweng a ne a buuwa ke mang ho mang?
Ho bolelwang ha ho thwe 'O bala ditsuonyana kgoho e eso qhotswe?'
Qotsong e ka hodimo ho ne ho buuwa ka sephetho sa eng?
Qotsong e ka hodimo, qoholla maelana kapa polelwana e bontshang hore 'motho a se ithorise'.
Bolela mabitso a dibapadi tse PEDI tse ka sehloohong tshwantshisong/terameng ena.
Mongodi o sebedisitse malebaleba afe ho senola le ho bopa semelo sa dibapadi tseo o di boletseng ho POTSO 8.5?
Ho ya ka sebapadi seo o se bonang e le molwantshi terameng ee, mosadi o lokela ho phediswa jwang? Fana ka mekgwa e MMEDI e hlalositsweng terameng ena.
A ko hlalose sebopeho seo Motaung a ileng a se bontsha letsatsing la pele ha a qala ho fetohela lelapa la hae. Hlalosa ka dintlha tse THARO.
Ha sefi se pitla, Motaung o ne a se a sa dule lelapeng la hae, o ne a se a dula le mang?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya terama ee, ke eng e entseng hore Motaung a be bonolo ho motho eo ya neng a se a dula le yena ebile a mo rata?
Ka mora dikgwedi Motaung a dula le motho eo e motjha, motho eo o ile a qala ho korotla. E be mabaka a ho se kgotsofale ha motho eo ke afe? Fana ka mabaka a MABEDI feela.
Lebitso la terama ena ke Sefi. Na lebitso lena le dumellana le diketsahalo tsa terama ee? Tshehetsa ka lebaka.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: PALEKGUTSHWE
Ho botsitswe dipotso tse PEDI karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng palekgutshweng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena. Araba POTSO ya 9 kapa POTSO ya 10.
POTSO YA 9
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa kamoo mongodi a re hlahiseditseng palekgutshwe ena: 'Ha se nna ke wena', o itshetlehe dihloohong tse latelang:
Tharahano
Sehlohlolo
KAPA
POTSO YA 10
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela. Ela hloko hore dipotso di itshetlehile palekgutsweng yohle, e seng hodima qotso feela.
NA HO NEPAHETSE?
Mohatsae ya neng a mo tseba ka ha a hlola a ntse a tletleba, ka seo a se bonang se etswa ka kerekeng, a be a se a ema a phutha dijana tsane tse neng di tlisitse senomaphodi le dikuku. ''Ntate Letsema, dintho di fetohile, mme re lokela ho ikamahanya le diphetoho. Ha o ka tadima o tla elellwa hore dikereke tsohle di fetohile, hobaneng ha re lokela ho dula nqa e le nngwe? O se ke wa lebala ntate hore re Maafrika a lokelang ho bina jwalo ka Maafrika. Hape ha re bua re lokela ho bua jwalo ka Maafrika. Ha e le Modimo yena, motho e mong le e mong a ka mo sebeletsa le ho mo rorisa ka mokgwa oo a o ratang.'' Ho realo Mojalefa.
Monnamoholo Letsema o ne a thabetse monyetla ona hampe haholo. E ne e se e le nako e telele a jewa ke sena seo a se bonang se etsahala ka kerekeng. Ka mehla o ne a tletleba ho mohatsae ya neng a ke ke a etsa letho. Ha e le mona a fumane monyetla wa ho se bua le e mong wa baetapele ba kereke, a hla a thabela ha mohatsae a ka ba teng ha a ...
DIPOTSO:
Le leng la matshwao a palekgutshwe ke 'ho nontsha mohopolo o le mong o totobetseng'. Ebe mohopolo o nontshwang palekgutshweng ee ke ofe? Ithuse ka ho kgetha karabo eo o hopolang hore e nepahetse ka ho fetisisa lenaneng le latelang:
Diphetoho dikerekeng tsa rona.
Maafrika a lokela ho tsamaisa kereke jwalo ka Maafrika.
Tsamaiso ya kereke ya Tjhatjhe e fetohile.
Le leng hape letshwao la yona ke hore 'palekgutshwe e ba le mophetwa a le mong wa sehlooho, eo diketsahalo di tobanang le yena'. E be mophetwa ya jwalo palekgutshweng ee ke mang? Kgetha karabo e nepahetseng ho tse latelang:
Mojalefa
Letsema
Bishopo
Kgetha karabo e nepahetseng ho tseo o di fuweng.
Palekgutshweng ena kgohlano e pakeng tsa ... le ...
Motho le maikutlo a hae.
Motho le maemo.
Motho le motho e mong.
Motho le batho ba bang.
Se etsang hore mmadi a be le thahasello ya ho bala palekgutshwe ena ke sefe?
Mongodi o lokela ho qaqisa 'tikoloho eo pale e thehuweng ho yona' qalehong ya pale ya hae feela. Bolela tikoloho (sebaka) eo ditaba tsa palekgutshwe ena di thehuweng ho yona.
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, o ka re ke eng hantlentle seo mophetwa wa sehlooho a leng kgahlanong le sona paleng ee?
Sehlohlolo sa pale ena se hlahela moo kgang e kgaohang teng. Ha o diha nyewe paleng ee, o ka re ke mang ya hlotseng ho baphetwa baa ba latelang?
Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tse latelang:
Mojalefa
Letsema
Mojalefa o re, ''ha e le Modimo yena motho e mong le e mong a ka mo sebeletsa le ho mo rorisa ka mokgwa oo a o ratang.'' Hlalosa kamoo mongodi a sebedisang puo ena ya Mojalefa e le malebaleba a ho bopa 'tebello' paleng ena ka teng.
O ka re maikutlo a hlahiswang ke afe, ha o se o badile palekgutshwe ee yohle?
Tharollo e hlahisitsweng paleng ena e etsa hore o ikutlwe o ...
kgotsofetse.
qabohile.
saretswe.
Tiisa ka lebaka karabo eo o e nehelaneng ka yona POTSONG ya 10.9.1 ya hao ka hodimo.
Hlalosa lebaka le neng le hlotse/bakile kopano ena ya Mojalefa le Letsema palekgutshweng ena.
Ha ho ngolwa palekgutshwe, sehlooho se lokela ho hohela mmadi. Na o ka re sehlooho see, 'Na ho nepahetse?' se a hohela? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Ntle le mophetwa wa sehlooho, ho na le baphetwa ba bang ba tlatsetso palekgutshweng. Hlalosa hakgutshwane seabo sa baphetwa ba latelang paleng ena.
Mojalefa
Mongodi wa palekgutshwe o lokela ho qaqisa 'tikoloho' e na le seabo paleng ya hae. A ke o hlalose hakgutshwanyane kamoo tikoloho e o thusang ho utlwisisa pale ena kateng.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
KAROLO YA D: DITHOTHOKISO
Dithothokiso tseo mohlahlobuwa a ithutileng tsona: Araba dipotso dife le dife feela tse PEDI ho tse NNE (POTSO ya 11, POTSO ya 12, POTSO ya 13 le POTSO ya 14) tse botsitsweng karolong ena.
ELA HLOKO:
Hopola hore o lokela ho araba dipotso tse PEDI ho tswa dikarolong tse PEDI feela. Ebang o se o arabile dipotso tse pedi dikarolong tse ka hodimo (potso e le nngwe ho KAROLO ya A, le e le nngwe ho KAROLO ya B kapa e le nngwe ho KAROLO ya C), se tswele pele ho araba dipotso karolong ena.
POTSO YA 11
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Ntho tsa hao di a tsepama,
Tsohle di ba ho a matle
Maemo, di bonwa ke bohle,
Hoba di ntle di a boheha;
Di bonwa le ke tsa Jeriko,
Di kgotswa le ho babatswa
Ke dimumu, esita le ke dira;
Dira di sitwa ho kgutsa,
Hoba tsa hao di ntle
Di dutlisa mathe, di dutlisa diqhenqhe,
Eya bo! Lesa lehloyo,
Lesa mohono hle!
O sebeditse monongwaha enwa,
DIPOTSO:
Bolela hore thothokiso ena ke ya mofuta ofe.
Matshwao a ikgethang a mofuta ona wa thothokiso ke afe? Bolela a MABEDI.
Moleng wa bohlano ho na le lentswe le siilweng. Bokgabo/Sebetsa sena sa bothothokisi moo ho siuweng lentswe le itseng se bitswang mme molemo wa sona ke ofe?
Moleng wa 6 ho sebedisitswe phetapheto ya moelelo. Qoholla mantswe ao a tshwanang ka moelelo.
Kgefutsohare e fumanwa moleng ofe? Bohlokwa ba yona ke bofe?
KAPA
POTSO YA 12
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
HO THUSANG HO LLA - PM Ramathe
Jo, le letsho leru,
Jo! Le letsho leru.
Jo! Bana ba ha Ramathe ho lla,
Ba llela thatohatsi kgorula
Menyepetsi e keleketla ba sitwa ho thola,
Empa ho thusang ho lla.
O re siile lesuping hoja re sa lebella,
E, empa ho thusang ho rothisa masodi
Ramathe o ile le tsa hae dikgau
DIPOTSO:
Thothokiso ena e bua ka eng? Bolela hore ke ya mofuta ofe.
Matshwao a tsebahalang a mofuta ona wa thothokiso ke afe? Bolela le le LENG.
Qoholla mela e nang le phetapheto ya sebopeho mme o be o bontshe phetapheto eo.
Tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe e fumanwa meleng efe? Fana ka lebitso la sebetsa seo sa boroki.
Ha ho na letshwao la ho bala moleng wa 6. Hana sena se bitswang mme molemo wa sona ke ofe thothokisong?
Moleng wa 9 ho na le letshwao la ho bala mahareng a mola. Letshwao leo le bitswang? Molemo wa lona ke ofe thothokisong?
Molathothokisong wa 2 ho sebedisitswe mokgabisopuo ofe?
KAPA
POTSO YA 13
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Mmoneng ke eo moeka
Ke mmoneng o bonwa ke bohle,
Tlhong o na di amohuwe kgale;
A di amohwe kgale ke kolobe.
O na qale eka o a swaswa,
Athe hloko bo ntse bo mo nanyetsa;
Bo mo nanyetsa a sa lemohe,
Hloko bo hlotse, bo padile.
Ha Kgaeyane ho jewa mamina;
Ho jewa mamina, Kgaeyane o kae?
O ha mme tshela-se-tlale.
Ka hanong ho tswang?
O bina pina e hloka noto,
A ke ke a ba a e pheta.
Tshobotsi ya Kgaeyane ho qaka,
E potlakile, e qaka ke hona;
Lesea la maobane,
DIPOTSO:
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe?
Phetapheto ya mantswe e tshekaletseng e fumanwa meleng efe?
Fana ka lebitso la sekapuo se sebedisitsweng moleng wa 4.
Tlhokeho ya letshwao la ho bala moleng wa 1, e re bopela sebetsa sefe sa bothothokisi? Bolela molemo wa sebetsa sena.
Moleng wa 8 ho na le letshwao la ho bala mahareng a mola. Sena se bitswang thothokisong? Molemo wa sona ke ofe? Fana ka melemo e MMEDI.
Hlalosa: ''O ha mme tshela-se-tlale'' moleng wa 12.
Lebotsi le fumanwa moleng ofe mme molemo wa lona ke ofe thothokisong?
Phetapheto ya moelelo e fumanwa moleng ofe? Qoholla mantswe a MABEDI a re bopelang phetapheto eo ya moelelo.
KAPA
POTSO YA 14
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
NGWANA LEHLASWA - KE Ntsane
Ngwana seratwa ke batswadi, kgorula,
Kgorula ya mmae le ntatae sebabatso,
Ngwana ho dula lapeng ho retsella,
A retsella pelong ya batswadi a bothama,
A utlwa monate o moholo mofuthu,
Mofuthu wa pelo 'a batswadi paola sebele.
A tjho le yena a bua dipuo,
A bua ka mmae le ntatae badimo
A re eka thaka leihlo ho babo,
Hampe ha se yena mojalefa le ntatae,
Mojalefa o ja kgomo kgubung,
Kgekgeng monatenate mafureng.
Ntate a thothwa ke pelo bohloko,
Se nna o ingamangama o lla,
O tla ja o kgore ho feta marena,
O haise ba boneng letsatsi pele,
Ba nyantseng tswele le sa sisa.
DIPOTSO:
Mofuta ona wa thothokiso o bitswang?
Moleng wa 1 ho na le sejura. Molemo wa sona ke ofe mme sona se bonwa jwang?
Qoholla mela e nang le phetapheto ya mantswe e tshekalletseng. Ke mantswe afe a re bopelang phetapheto eo?
Moleng wa 12 ho na le mantswe ana a latelang: Kgekgeng le mafureng. Mantswe ao a bolelang. Hlalosa
Sekapuo se sebedisitsweng moleng wa 13 se bitswang?
Ke sebetsa sefe sa bothothokisi se sebedisitsweng moleng wa 14 ka lentswe 'Rato'. Molemo wa sebetsa seo ke ofe?
Pheteletso e fumanwa moleng ofe qotsong e ka hodimo?
Lentswe kgorula le bolelang?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
